Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 7:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Wena sera sa ka, o se ke wa nyakalla ka nna! Leha nka wa ke tla boela ke tsohe; leha nka dula lefifing Morena o tla mponesetsa.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 7:8
46 Referencias Cruzadas  

Ha ekaba nkile ka thabela tshenyeho ya eo e neng e le sera ho nna, ka hlasimoloha mohla ditlokotsi di mo welang hodimo;


Lefifing, lesedi le tjhabela ya lokileng; o mohau, o lereko, o lokile.


Hobane sera se hlorisa moya wa ka, se hatile bophelo ba ka fatshe, se nkgarameletsa nqalong e lefifi ho ba shweleng e seng e le kgale.


bona, ba kobeha, ba wa; empa rona, re tla tiya, re eme.


Jehova ke lesedi la ka le poloko ya ka; nka tshoha mang? Jehova ke qhobosheane ya bophelo ba ka; nka thothomela pela mang?


O se ke wa lesa ba ikentseng dira ho nna ka bolotsana hore ba thabe ka nna, ba se ke ba nyekotsa ka mahlo ka ho ntlhoya feela!


E mobe o a adima, mme ha a buse; empa ya lokileng o na le mohau, o a fana;


leha a ka wa, ha a welle ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.


Hobane ke itse: Ba se ke ba thaba ka nna! Ha leoto la ka le kgoptjwa, ba mphahamela ka boikakaso.


Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.


Lesedi le jaletswe ya lokileng, thabo e neilwe ba pelo e lokileng.


Tloong, ba ntlo ya Jakobo, a re tsamayeng leseding la Jehova!


o tle o re ho ba kgolehong: Tswang! le ho ba dutseng lefifing: Hlahang! Ba tla fumana dijo tseleng, le makgulo maralleng wohle.


Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.


Setjhaba se neng se tsamaya lefifing se bone lesedi le leholo, lesedi le kganyeditse ba ahileng naheng ya moriti wa lefu.


Na ha o a ka wa etsa Iseraele sesomo sa hao na? Na o ne a tshwerwe boshodung, haele mona o ne o sisinya hlooho ka yena, ha o bolela tsa hae na?


Le fele le thabe, le fele le nyakalle, lona basenyi ba lefa la ka; le tlole jwaloka sethole hara jwang bo botala; le lle jwaloka poho ya pere.


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Na motho a ka wa, a sa hlole a tsoha na? Na motho a ka kweneha, a sa hlole a kgutla na?


Hobane Morena Jehova o re: Erekaha o opile ka diatla le ho tila ka leoto, mme wa thabela kgeso ya lefatshe la Iseraele ka moya wohle wa hao,


Jwalokaha o ne o thabele lefa la ntlo ya Iseraele, kamoo le neng le senyehile kateng, ke tla o etsa jwalo; o tla fetoha lefeella, wena thaba ya Seire, le Edomo kaofela ha hae; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Morena Jehova o re: Mollong wa poulelo ya ka, kannete ke nyatsa ditjhaba tse ding le Edomo kaofela, tse inkelang lefatshe la ka ho le rua; di thabetse hoo ka pelo yohle, di le kgesa ka moya wohle, hore di le neele kgapo!


Ka tsatsi leo, ke tla tsosa motlotlwane wa Davida o weleng, ke tsose dikgeo tsa lerako la wona; moo o helehileng ke tla o lokisa, ke tle ke o hahe jwaloka mehleng ya boholoholo;


Se kgahlwe ke letsatsi la ngwaneno, ke letsatsi la tsietsi ya hae; se thabele ho fela ha bara ba Juda ka letsatsi la ho fela ha bona; se ahlamise molomo wa hao ka boikgohomoso ka letsatsi la tsietsi.


Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.


Empa haele lona ba tshabang lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke tsatsi la ho loka le nang le poloko mahlaseding a lona; le tla tswa, le be le thale jwaloka manamane a nontshitsweng.


setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona.


Kannetenete ke re ho lona: Le tla lla, le be le lle, mme lefatshe le tla thaba; le tla utlwa bohloko, empa bohloko ba lona bo tla fetoha thabo.


Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


re a hloriswa, empa ha re lahlwe; re dihelwa fatshe, empa ha re timele;


Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.


Bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng, mme ha ba sa hloka lesedi la lebone, leha e le la letsatsi; hobane Morena Modimo o tla ba bonesa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos