Mikea 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla jala, empa o ke ke wa kotula; o tla nepola ditholwana tsa mohlwaare, empa o ke ke wa tlola ole, o tla hlotlha metsi a morara, empa o ke ke wa nwa veine ... BIBELE “Le tla jala, empa le ke se kotule letho; le tla tlhotla tholwana tsa mohlwaare, empa le ke se itlotse ka ole ya tsona; le tla tlhotla tholwana tsa morara, empa le ke se nwe veine ya tsona. |
Ba lemile koro, mme ba kotula meutlwa; ba ikgathaditse, mme ha ba kotule letho. Ebang le dihlong ho kotuleng ha lona, ka baka la kgalefo e tjhesang ya Jehova.
bonang, ke tsena tseo le nna ke tla le etsa tsona: Ke tla le romela tshabo, le lefu la matshwafo, le febere e tjhesang, e leng tse jang mahlo, tse hlomolang moya; le tla jalla lelea dijalo tsa lona, mme di tla jewa ke dira tsa lona.
Matla a lona a tla fella lelea; naha ya lona e ke ke ya medisa dijo, mme difate tsa naha di ke ke tsa bea ditholwana.
Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona.
Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.
Menono ya bona e tla lobelwa, matlo a bona a senngwe; ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba dula ho wona; ba tla hloma merara, empa ba ke ke ba enwa veine ya yona.
le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.
Ba fihle, ba emise pela bona, ba senye mabele masimong, ho ya fihla Gasa, ba sa siele Baiseraele dijo, leha e le nku, kapa kgomo, kapa esele.