Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 12:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ba lemile koro, mme ba kotula meutlwa; ba ikgathaditse, mme ha ba kotule letho. Ebang le dihlong ho kotuleng ha lona, ka baka la kgalefo e tjhesang ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ba jetse koro, ba kotula hlabahlabane, ba sebetsa ka thata, ba sebeletse lelea, kotulo ya bona e ba hlabisitse dihlong, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 12:13
19 Referencias Cruzadas  

setjhaba sa wona wa se neela lerumo, wa halefela lefa la wona.


Na le ntshetsa keng seo e seng dijo tjhelete, le ikgathaletsa keng se sa kgoriseng? Mmameleng hle, mme le tla ja se monate, meya ya lona e ithabise ka tse nonneng.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Ke a tadima, mme bonang, Karmele o fetohile nahathothe, metse yohle ya teng e heleditswe pontsheng ya Jehova ke bohale bo tjhesang ba hae.


e mong le e mong o ye a thetse motswalle wa hae, mme ha ba bolele nnete; ba rutile maleme a bona ho bolela leshano; ba sebetsa bokgopo ba sa kgathale.


Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba.


bonang, ke tsena tseo le nna ke tla le etsa tsona: Ke tla le romela tshabo, le lefu la matshwafo, le febere e tjhesang, e leng tse jang mahlo, tse hlomolang moya; le tla jalla lelea dijalo tsa lona, mme di tla jewa ke dira tsa lona.


Matla a lona a tla fella lelea; naha ya lona e ke ke ya medisa dijo, mme difate tsa naha di ke ke tsa bea ditholwana.


O tla jala, empa o ke ke wa kotula; o tla nepola ditholwana tsa mohlwaare, empa o ke ke wa tlola ole, o tla hlotlha metsi a morara, empa o ke ke wa nwa veine ...


Bonang, na hase taba e tswileng ho Jehova wa makgotla ha ditjhaba di ikgathaletsa se tla tjheswa ke mollo, mme merabe e ntshetsa matla a yona lefeela?


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Ho ne ho tshepilwe ho hongata, athe ho honyenyane. Le ho thothetse hae, empa ke budutse hodima hona ... Ka baka lang, ho botsa Jehova wa makgotla? Ka baka la ntlo ya ka, hobane e le lesupi ... Athe e mong le e mong ho lona o mathela ntlo ya hae.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


O tla isa peo e ngata masimong a hao, empa o tla kotula ho seng hokae, hobane tsie e tla e ja.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos