Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Kaha le hatakela mofutsana, le mo qobelle ho le fa mabele a hae, le ke ke la dula kahara matlo le a hahile, le a hahile ka majwe, le a betlile; le masimo a morara o motle le a lemme, empa le ke ke la nwa veine ya wona!

Ver Capítulo Copiar




Amose 5:11
30 Referencias Cruzadas  

Hobane o tubile basenyehi, o ba lahlile; mme leha a sentse matlo ka mano, ha a ka ke a a tsosa.


Thabo le menyaka di faletse masimong a hao; masimo a merara ha a sa tswa dipina le mehoo ya thabo; ha ho sa hatelwa merara dihatelong; ke kgutsisitse ditjhao tsa bahati.


Ba tla hapa maruo a hao, ba tlatlape mesebetsi ya hao ya kgwebo; ba tla qhaqholla marako a hao, ba ripitle matlo a hao a matle, ba lahlele majwe a hao le difate tsa hao le lerole la hao metsing.


Erekaha le sututsa ka lehlakore le ka lehetla, le thesela dinku tsohle tse tepeletseng ka manaka a lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle,


Seotlo le sehatelo sa ole di ke ke tsa ba kgorisa, veine e tla thetsa tebello ya bona.


bonang, ke tsena tseo le nna ke tla le etsa tsona: Ke tla le romela tshabo, le lefu la matshwafo, le febere e tjhesang, e leng tse jang mahlo, tse hlomolang moya; le tla jalla lelea dijalo tsa lona, mme di tla jewa ke dira tsa lona.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Iseraele — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba reka tjhelete ka ya lokileng, le ka mofumanehi ba reka dieta,


ba lakatsa ho bona lerole la lefatshe hodima hlooho ya mofutsana, mme ba kgopamisa taba tsa ba banyenyane; motho le ntatae ba kenela mosadi a le mong, ba tle ba tlotlolle lebitso la ka le kgethehileng;


Ke tla rapalatsa ntlo ya mariha hodima ntlo ya lehlabula; matlo a kgabisitsweng ka manaka a tlou a tla timela, ho fediswe le matlo a mangata: ho itswalo ke Jehova.


Howeletsa hodima matlo a borena a Ashdode le hodima matlo a borena a lefatshe la Egepeta, le re: Phuthehelang dithabeng tsa Samaria, le tle le bone meferefere e mengata e hara yena, le dihloriso tse leng ho yena.


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


Hobane bonang, Jehova o laetse, mme ntlo e kgolo e tla thuhwa, e fetohe dithako, le ntlo e nyenyane e tla etswa dikgeo.


Na dipere di mathiswa mafikeng, kapa na ho lengwa ka dipholo teng, haele moo le fetotse kahlolo mahloko, le tholwana ya ho loka le e fetotse lengana,


Utlwang taba ena, lona le pheheletseng ho metsa mofutsana le ho timetsa bafumanehi lefatsheng; lona le reng:


Ke tla lokolla setjhaba sa ka sa Iseraele kgolehong ya sona, mme ba tla tsosa metse e senyehileng, ba ahe ho yona; ba tla hloma masimo a merara, ba nwe veine ya wona; ba tla hloma le dirapa tsa difate, ba je le ditholwana tsa tsona.


Ka baka leo, ke tla fetola motse wa Samaria, o be jwaloka sefika sa majwe se pela tshimo, le moo ho ka lengwang merara; ke tla akgela majwe a wona thotaneng, ke kwaholle metheo ya wona;


Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.


O tla jala, empa o ke ke wa kotula; o tla nepola ditholwana tsa mohlwaare, empa o ke ke wa tlola ole, o tla hlotlha metsi a morara, empa o ke ke wa nwa veine ...


Menono ya bona e tla lobelwa, matlo a bona a senngwe; ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba dula ho wona; ba tla hloma merara, empa ba ke ke ba enwa veine ya yona.


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Leha Edomo a ka re: Re thumakantswe; empa re tla kgutla, re be re tsose masupi a senyehileng ... Jehova wa makgotla o re: Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa, mme ba tla bitswa naha ya bokgopo, le setjhaba seo Jehova a se halefelang kamehla.


O tla nyala mosadi, mme e mong o tla robala le yena; o tla haha ntlo, empa ha o ka ke wa dula ho yona; o tla hloma morara, empa ha o ka ke wa ikotulela ditholwana tsa wona.


Athe lona le nyedisitse mofumanehi! Na hase barui ba le hlorisang, ba le hulelang kgotla na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos