Hobane mohlorisi ha a sa tla ba teng, mosomi le yena o tla be a fedile, le batho bohle ba fadimehelang ho etsa bobe ba tla be ba tlositswe,
Mikea 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe. BIBELE Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Ke ntse ke rera koduwa, ke e rerela tjhaba sena, koduwa eo se ke keng sa ba sa e phema. Ha se ka ke sa tsamaya, sa tsamaya ka boikakaso, hobane e tla be e le nako, nako ya tlokotsi. |
Hobane mohlorisi ha a sa tla ba teng, mosomi le yena o tla be a fedile, le batho bohle ba fadimehelang ho etsa bobe ba tla be ba tlositswe,
Jehova o boletse, a re: Erekaha baradi ba Sione ba ikgantsha, ba tsamaya ka melala e sataletseng, le mahlo a nyemotsang, ba nantsha maoto, ba rwarwaetsa ka mekgabo ya maoto,
Ba reng: Ha a phakise, a akofise mosebetsi wa hae, re tle re o bone; morero wa Mohalaledi wa Iseraele o atamele, o hlahe, re tle re o leke.
Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.
Ka bolella le Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela, ka re: Le ke le bee melala ya lona jokong ya morena wa Babilona, le sebeletse yena le setjhaba sa hae, mme le tla phela.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Lona, ha le a ka la nkutlwa ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, e mong le e mong ho motswalle wa hae; bonang, ke le bolella tokollo, ho bolela Jehova, e leng ya lerumo, le ya lefu la sewa, le ya tlala, mme ke le neela ho tsokotseha mebusong yohle ya lefatshe.
Eitse hobane Jehudi a bale maqephe a mararo, kapa a mane, morena a a seha ka thipana ya mongodi, a a lahlela mollong mashaleng a leifong, ho fihlela lengolo kaofela le tjheswa.
Asaria, mora Hosea, le Johanane, mora Karea, le batho ba baikgohomosi kaofela, ba bolella Jeremia, ba re: O bolela leshano; Jehova, Modimo wa rona, ha a ka a o roma, hore o re: Le se ke la ya Egepeta ho aha teng.
Mme ho tla ratwa lefu haholo ho bophelo ke masala kaofela a setseng a mofuta oo o mobe, hohle moo ke a qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova wa makgotla.
Joko ya makgopo a ka e tlamilwe ke matsoho a hae; a thatilwe, a boima molaleng wa ka; o fedisitse matla a ka; Morena o nneetse matsohong a eo ke sitwang ho mo hanela.
Jehova o entse seo a neng a se rerile, o phethile polelo ya hae eo a neng a e laetse esale le mehleng ya kgale; o ripitlile, mme ha a ka a qenehela; o thabisitse ba o hloileng, o phahamisitse lenaka la bao e leng dira ho wena.
Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.
ya lebelo o tla sitwa ho baleha, ya matla a ke ke a itiisa ka matla a hae, senatla se ke ke sa boloka ho phela ha sona.
Utlwang lentswe lena, leo Jehova a le bolelang hodima lona, bana ba Iseraele, hodima mofuta wohle oo ke o ntshitseng lefatsheng la Egepeta;
ke re: Ke tsebile lona feela hara meloko yohle ya lefatshe; ka baka leo, ke tla le otla ka baka la makgopo a lona kaofela.
Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.
ba kileng ba ntella dihlooho tsa bona ho mpholosa; mme hase nna feela ke ba lebohang, ba lebohuwa le ke dikereke tsohle tsa baditjhaba.
o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.
Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.