Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Hobane ya sa kang a etsa mohau o tla ahlolwa ka ho hloka mohau; mme mohau o ipela ka kahlolo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Hobane ya sa kang a etsa mohau o tla ahlolwa ka ho hloka mohau; mme mohau o ipela ka kahlolo.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 2:13
26 Referencias Cruzadas  

Yaba ba bolellana, ba re: Kannete, ra na ra sitelwa ngwanabo rona, ha re ne re bona masisapelo a hae, ra mpa ra hana ho mo utlwa, ha a ntse a re rapela; ke ka baka lena tlokotsi ena e re hlahelang.


Oho, jwale, nkutlweng, mme le kgutlise batshwaruwa bao le ba tlisitseng le ba tshwere hara banababo lona; hobane bohale ba Jehova bo le tuketse.


Ya molemo o mo etsetsa molemo; monna ya lokileng o mo etsa ka ho loka;


Mohau le nnete di teane, ho loka le kgotso di akane;


Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.


Ya tubang mofutsana ho eketsa leruo la hae, mme a fana le barui, o tla wela bofumeng ruri.


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Empa ya ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke nna Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatsheng, hobane ke kgahliswa ke tseo, ho bolela Jehova.


Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


Ho lehlohonolo ba mohau; hobane ba tla hauhelwa.


empa ekare ha le sa tshwarele batho ditlolo tsa bona, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.


Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.


Hape, se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; le se ke la tswa, le tle le se ke la tsuwa; rekolohelang, mme le tla rekolohelwa;


Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.


Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.


Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.


A inama maotong a hae, a wa, a rapalla. A inama maotong a hae, a wa. Moo a inamang, a wela teng a shwele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos