Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 18:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Ka baka leo, tsamaya, o yo bua le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona! Ke ntse ke le ralla bobe, ke lokisa morero wa ho le otla. Motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, a tsamaye tseleng e lokileng, diketso tsa hae di be ntle.’

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 18:11
40 Referencias Cruzadas  

A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong.


Bona jwale, Jehova o kentse moya wa leshano melomong ya baporofeta bana bohle ba hao; athe Jehova o boletse kotsi hodima hao.


Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.


Eyang, le mpotsetse Jehova, bakeng sa ka le sa setjhaba le bakeng sa Juda yohle, hodima ditaba tsa buka ena e fumanweng; etswe Jehova a re halefetse haholo ka baka la hobane bontata rona ha ba ka ba mamela ditaba tsa buka ena, mme ha ba ka ba etsa le ka tsohle tseo re di ngoletsweng.


Morena wa Siria a re: Tloha, o tsamaye, ke o rome ka lengolo ho morena wa Iseraele. Yaba o tloha, a nkile ditalenta tse leshome tsa silefera, le ditjhelete tse dikete tse tsheletseng tsa kgauta, le diaparo tse leshome tsa mokete.


Jwale, a nke ke le tsebise seo ke tla se etsa ka tshimo ya ka ya merara hona jwale: ke tla tlosa motero wa yona ke e etse makgulo; ke tla heletsa lerako la yona, e hatakelwe;


Motho ya lokileng o a timela, mme ha ho ya lemohang teng; batho ba molemo ba tloswa, mme ha ho ya lemohang hobane ya lokileng o tloswa, bobe bo eso ho hlahe.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya ba hlahisetsa kotsi eo ba ke keng ba e phema; ba tla howeletsa ho nna, empa ha ke na ho ba utlwa.


Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa motse ona le metse yohle ya mona dikotsi kaofela tseo ke di boletseng bakeng sa yona; hobane ba sataladitse melala ya bona, hore ba tle ba se ke ba utlwa lentswe la ka.


o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa nqalo ena bobe boo e mong le e mong ya bo utlwang, ditsebe tsa hae di tla re tsii.


leo a kileng a le bolella setjhaba kaofela sa Juda le baahi bohle ba Jerusalema, a re:


Ba ne ba re ho lona: Sokolohang hle e mong le e mong mekgweng e mebe ya hae, le bolotsaneng ba diketso tsa lona, le tle le ikahele lefatsheng leo Jehova a le neileng lona le bontata lona kamehla le ka ho sa feleng;


Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.


Ekaba ba tla utlwa, ba bake e mong le e mong mekgweng e mebe ya hae, ke tle ke be ke bakele bobe boo nna ke hopotseng ho ba hlahisetsa bona ka baka la bolotsana ba diketso tsa bona.


Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.


Kgutlang, bana ba kwenehileng, mme ke tla fodisa bokwenehi ba lona. Bona, re ya tla ho wena, hobane o Jehova, Modimo wa rona.


Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.


Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona.


Ekaba ba tla bea thapelo ya bona pela Jehova, ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, hobane bohale bo boholo le yona kgalefo e kgolo eo Jehova a e boletseng bakeng sa setjhaba sena.


Iseraele, ha o ka sokolohela ho nna, ho bolela Jehova, wa boela ho nna, wa tlosa manyala a hao pela ka, ha o sa tla hlola o phaila.


Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?


Ke tadima lefatshe, mme bonang le sentswe, le feela; le wona mahodimo, mme a hloka lesedi la wona.


Emisetsang folaga nqa Sione; batlang setshabelo, le se ke la ema, hobane ke lata tsietsi le kotsi e kgolo nqeng ya leboya.


Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bakang metsamaong ya lona le diketsong tsa lona, mme ke tla le ahisa nqalong ena.


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


Hleka nka thabela lefu la e mobe? ho botsa Morena Jehova. Ha ke re: Nka mo thabela, ha a ka kgeloha ditsela tsa hae, a tle a phele na?


batho le diphoofolo di mpe di apare masela a mahwashe, batho ba ke ba howeletse ka matla ho Modimo, mme e mong le e mong a furalle metsamao ya hae e mebe le bokgopo bo matsohong a hae.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe.


Ere ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlelang ho nna, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla kgutlela ho lona, ho bolela Jehova wa makgotla.


empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.


Jwale, ke bua le lona ba reng: Kajeno, kapa hosasane, re tla ya motseng wa hore hoitseng, re tla dula teng selemo se le seng, re tla hweba teng, re tla rua;


Jwale, ke tla ho lona barui. Llang, le bokolle ka baka la ditlokotsi tse tla le wela hodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos