Morena o utlwahatsa lentswe la hae; basadi ba tsebisang hlolo ke lekgotla le leholo, ba re:
Mattheu 9:37 - Sesotho 1909/1961 (SO) E bile moo a reng ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. BIBELE Yaba o re ho barutuwa ba hae: “Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; Baasraak Sotho NT A ntoo re ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ntoo re ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; |
Morena o utlwahatsa lentswe la hae; basadi ba tsebisang hlolo ke lekgotla le leholo, ba re:
Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le mong a ntlo ya tswileng e sa le kameso, ho memela tshimo ya hae ya merara balemi.
Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;
A ba a re ho bona: Kotulo e kgolo; basebetsi empa ha ba bakae; rapelang ke hona monga kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.
ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.
Teng pono ya hlahela Pauluse bosiu: monna e mong wa Masedonia o ne a le teng, a eme pela hae, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.
hobane ke na le wena, mme ha ho e mong ya tla bea letsoho la hae ho wena ho o etsa hampe; hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.
Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.
Jesu, ya bitswang Juste, le yena o a le dumedisa. Ho ba lebollo, ke bona ba nnotshi ba ntshebedisang mmusong wa Modimo, mme ba bile tshediso ho nna.
Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.
Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.