Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

36 Ha a bona batho, a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse matla, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

36 Eitse ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba qhalane jwaloka dinku tse se nang modisa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Eitse ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba qhalane jwaloka dinku tse se nang modisa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:36
18 Referencias Cruzadas  

Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.


Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, jwaloka dinku tse se nang modisa; Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a ipoelle hae ka kgotso!


E mong le e mong o tla ba jwaloka tshepe e tebelwang, le jwaloka mohlape o hlokang modisa, e mong le e mong a lebe ha habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.


Setjhaba sa ka e ne e le mohlape wa dinku tse lahlehileng; badisa ba tsona ba ne ba di kgelosa, ba di sepedisa dithabeng le marallaneng, tsa ba tsa lebala lesaka la tsona.


Hobane diterafime di boletse lefeela, dinohe di bone dipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba di bolelang; ba tshedisa ka tsa lefeela. Ka baka leo, setjhaba se tlohile jwaloka mohlape, ba hloreha ke ho hloka modisa.


Hobane ke ya tsosa lefatsheng ya sa tlong ho hlokomela dinku tse timelang; a ke ke a batla e lahlehileng; e robehileng a ke ke a e oka; le e tsamayang a ke ke a e fepa; empa o tla ja nama ya tse nonneng, a be a petsole le ditlhako tsa tsona.


ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.


le mpe le ye dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.


Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, a fodisa ba kulang ba bona.


A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.


Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng.


Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.


Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na se jewang.


Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.


mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos