Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 28:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 28:19
39 Referencias Cruzadas  

Modimo wa ntoo re: A re etseng motho ka setshwantsho sa rona le ka ho tshwana ha rona, mme a buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le makgomo, le lefatshe lohle, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng.


Atamelang ho nna, le mamele! Esale ho hlaheng, ha ke a ka ka bolela sephiring, esale qalong ya morero wa ditaba tsena ke ntse ke le teng; mme jwale, Morena Jehova o nthomile le moya wa hae.


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.


A re ho bona: Ke moo ke reng: Mongodi e mong le e mong, ya rutilweng tsa mmuso wa mahodimo, o jwaloka motho eo e leng monga ntlo, ya ntshang dintho tse ntjha le dintho tsa kgale letlotlong la hae.


Ditjhaba tsohle di tla bokellwa pela hae; mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwaloka modisa ha a kgetha dinku ho dipodi.


ka di fihlisa letsatsing leo a nyoloseditsweng lehodimong ka lona, hobane a laele, ka Moya o Halalelang, baapostola bao a ba kgethileng;


Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Eitse hobane ba bolele Evangeli motseng oo, mme ba etse barutuwa ba bangata, ba kgutlela Listra, le Ikone, le Antioke,


Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa, mme barutuwa ba ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete tse batlileng ho ba tharo.


Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.


Mme ntho tse kang makgapetla tsa phakisa tsa wa mahlong a hae; a boela a bona; a ntoo ema, a kolobetswa.


Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.


Ha ho se jwalo, ba kolobelletswang bafu ba ya etsa eng? Ha bafu ba fela ba sa tsohe, na ba kolobelletswang bafu?


Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.


hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.


ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.


Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,


Hobane ho le ba bararo bao e leng dipaki:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos