Mattheu 9:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a tloha moo, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, o re utlwele bohloko. BIBELE Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!” Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a tloha teng, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, re utlwele bohloko! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a tloha teng, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, re utlwele bohloko! |
Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.
Teng ha hlaha mosadi wa Mokanana, ya tswang mathokong ao, a howa, a re: Nkutlwele bohloko, Morena, mora Davida! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke motemona.
a re: Morena, utlwela mora ka bohloko; hobane o jewa ke sethwathwa, mme o kula hampe; hobane hangata o wela mollong, mme hangata a wele metsing.
Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.
Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!
Eitse ha a kena tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: Na le a dumela hore nka tseba ho etsa hoo na? Tsa re ho yena: E, Morena.
Ho rokwe mmuso wa ntata rona Davida, o tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!
mme o mo lahletse hangata mollong le metsing, o tle o mo timetse. Empa ha o ka tseba ho thusa, re utlwele bohloko, mme o re thuse.
Ka yona nako eo, Jesu o ne a fodisa ba bangata malwetse, le mafu a bona, le meya e mebe, mme ba bangata ba neng ba foufetse o ne a ba sitsa ka pono.
Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?
ha o lekanya Mora wa wona, Jesu Kreste, Morena wa rona, ya tswileng lelokong la Davida ka nama;
bona bao bontate e leng ba bona, bona bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, yena ya leng kahodima dintho tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen!