Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka yona nako eo, Jesu o ne a fodisa ba bangata malwetse, le mafu a bona, le meya e mebe, mme ba bangata ba neng ba foufetse o ne a ba sitsa ka pono.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ka nako yona eo o ne a fodisa ba bangata malwetseng, mahlokong le meyeng e mebe, a tutubolla difofu tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Ka yona nako eo a fodisa ba bangata malwetseng, le dikotlo, le meya e mebe; mme difofu tse ngata a di nea pono.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ka yona nako eo a fodisa ba bangata malwetseng, le dikotlo, le meya e mebe; mme difofu tse ngata a di nea pono.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:21
12 Referencias Cruzadas  

Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa ho le phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotsetsa lefatsheng la metse ya bona; leha ho hlahile lefu le befang, leha e le pabo efe le efe;


Empa ekare ha moprista a kgutlela, mme a bona hoba letheba ha le a ka la thopohela leboteng la ntlo, ha e se e batehilwe, moprista o tla bolela hore e hlwekile, hobane letheba le fedile.


Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.


Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.


Yaba hang, madi a hae a kgaotsa ho phalla, mme a ikutlwa mmeleng wa hae hobane bohloko ba hae bo fodile.


Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.


Banna bao, ha ba fihla ho yena, ba re: Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: Na ke wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?


hobane Morena o ye e laye eo a mo ratang, mme a shape mora e mong le e mong eo a mo amohelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos