Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.
Mattheu 9:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme taba eo ya tuma lefatsheng leo lohle. BIBELE Taba ena ya aparela lefatshe leo lohle. Baasraak Sotho NT Tumo ya taba eo ya utlwahala naheng eo yohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tumo ya taba eo ya utlwahala naheng eo yohle. |
Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.
Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.
Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.
Yaba Jesu o boela Galelea ka matla a Moya; mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.
Botumo ba hae ba eketsa ho ata, mme matshwele a maholo a tla hammoho ho mo utlwa, le ho fodiswa malwetse a bona ke yena.
Hobane le yena morena o a di tseba taba tseo, mme ke di bolela ho yena phatlalatsa, kahobane ke a kgolwa hore ha ho e nngwe ya tsona e mo siretseng; hobane ha ho letho tabeng tseo le entsweng sephiring.