Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 6:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Kgosi Heroda a utlwa tsena, hobane lebitso la Jesu le ne le tumile. Ho ne ho thwe Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Morena Heroda a utlwa taba tsa hae; (hobane lebitso la hae le ne le tumile) mme a re: Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, mme ke ka baka leo mesebetsi e matla e bonahalang ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Morena Heroda a utlwa taba tsa hae; (hobane lebitso la hae le ne le tumile) mme a re: Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, mme ke ka baka leo mesebetsi e matla e bonahalang ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 6:14
16 Referencias Cruzadas  

Hape, a etsa Jerusalema dibetsa tse qapilweng ke monna ya masene, tse bewang ditoreng le dikoung, ho betsa ka metsu le ka majwe a maholohadi. Botumo ba hae ba hasana hole, hobane a nna a tlatswa ka mokgwa o makatsang, ho fihlela a ba a ipha matla.


Haele Baammone, ba ntshetsa Osiase dinyehelo; mme botumo ba hae ba utlwahala ho fihlela moeding wa Egepeta, hobane a ne a iphile matla ka ho fetisisa.


Empa ha di tswile, tsa hasanya botumo ba hae naheng eo yohle.


Mme lebitso la Jesu la phakisa la tuma ka nqa tsohle naheng ya Galelea.


Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.


Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o e mong wa baporofeta.


Ka tsatsi lona leo, ha tla bafarisi ba bang ho yena, ba re ho yena: Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.


Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene;


Taba eo a bolelwang ka yona ya tuma Judea yohle le naheng yohle e kamathoko.


Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang: O Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re: O Elia; empa ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.


Hobane lentswe la Morena ha le tloha ha heno, le dumaetse, e seng Masedonia le Akaea feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane kahohle, ya eba ntho eo re sa tshwanelang ho e bolela.


ha Modimo o ntse o omela hammoho le bona ka dipontsho, le meeka, le diketso tse ngata tse matla, le ka dineo tse ajwang ke Moya o Halalelang, kamoo o ratang kateng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos