Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.
Mattheu 9:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a reteleha, a mo tadima, a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse. Mme nakong yona eo, mosadi a fola. BIBELE Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo. Baasraak Sotho NT Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: Beta pelo, moradi; tumelo ya hao e o fodisitse. Mme mosadi a fola ho tloha ka nako eo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: Beta pelo, moradi; tumelo ya hao e o fodisitse. Mme mosadi a fola ho tloha ka nako eo. |
Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.
Mme Jesu a kgalemela motemona haholo; motemona a tswa ngwaneng eo, mme ngwana a fola ka yona nako eo.
Yaba Jesu o re ho molaodi wa lekgolo: Eya, o etsetswe kamoo a dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola nakong yona eo.
Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.
Jesu a re ho sona: Eya, tumelo ya hao e o pholositse. Sa bona hang, sa ba sa latela Jesu tseleng.
Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.
Jesu a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso.
Yaba ntata ngwana o lemoha hobane ke ka yona hora eo Jesu a neng a re ho yena: Mora wa hao o pholohile. A ba a dumela le ba ntlo ya hae kaofela.
Yare ha a ntse a mametse Pauluse ha a bua, Pauluse a mo sheba, mme ha a bona hobane o na le tumelo ya ho fodiswa,
A etsa jwalo ka matsatsi a mangata; empa Pauluse ha a kgathetse ke hona, a reteleha, a re ho moya: Ke o laela ka lebitso la Morena Jesu Kreste hore o tswe ho yena. Yaba o tswa ka yona nako eo.
Hobane le rona, re boleletswe Evangeli jwaloka bona; empa bao, lentswe leo ba le utlwileng ha le a ka la ba thusa letho, ka baka la hobane ha le a ka la fihlelana le tumelo pelong tsa ba le utlwileng.