Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Mme bonang, ba tlisa ho yena monna ya omeletseng ditho, a robetse diphateng. Mora, beta pelo; o tshwaretswe dibe tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Mme bonang, ba tlisa ho yena monna ya omeletseng ditho, a robetse diphateng. Mora, beta pelo; o tshwaretswe dibe tsa hao.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:2
32 Referencias Cruzadas  

Ha ho le jwalo, eya, o je bohobe ba hao ka thabo, o nwe veine ya hao ka pelo e nyakaletseng; etswe Modimo o kgahlisitswe le kgale ke diketso tsa hao.


Ke hlakotse ditlolo tsa hao jwaloka mohodi, le dibe tsa hao jwaloka leru; sokolohela ho nna, hobane ke o lopolotse.


Empa Jesu a phakisa a bua le bona, a re: Betang dipelo, ke nna, se tshabeng.


Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona;


Jesu, ha a mo utlwa, a tsota, mme a bolella ba mo latelang, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.


Yare mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona, a leleka meya ho bona ka polelo feela; a fodisa bohle ba seng monate;


Jesu a reteleha, a mo tadima, a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse. Mme nakong yona eo, mosadi a fola.


Hobane ke hofe ho leng bonolo, na ke ho re: O tshwaretswe dibe, kapa a ke ho re: Ema, o tsamaye, na?


Mme jwale — hore le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho: Ema, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.


Yare mantsiboya, ha tsatsi le dikela, ha tliswa ho Jesu bohle ba seng monate le ba nang le batemona.


Jesu a ema, a re, a bitswe. Yaba ba bitsa sefofu, ba re ho sona: Kgothahala, o eme, o a o bitsa.


Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.


hobane ba ne ba mmona kaofela, mme ba ne ba tshohile; empa a phakisa a bua le bona a re ho bona: Kgothahalang, ke nna, se tshabeng!


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna.


le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.


Yaba Jesu o re ho bona: Bana, na ha le na se ka jewang na? Ba mo araba, ba re: Tjhe.


Yare ha a ntse a mametse Pauluse ha a bua, Pauluse a mo sheba, mme ha a bona hobane o na le tumelo ya ho fodiswa,


Esita dituku le masela a neng a amile mmele wa hae, a ne a bewa hodima ba kulang, mme malwetse a ne a ba tlohela, le meya e mebe e ne e tswa ho bona.


Bosiung bo hlahlamang, Morena a ipontsha ho yena, a re: Tiisa matla, Pauluse, hobane jwalokaha o pakile taba tsa ka Jerusalema, e ka kgona o di pake jwalo le Roma.


Mme hase hoo feela, empa hape re ithorisetsa ho Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona, eo jwale re boneng poelano ka yena.


Empa e mong o tla re: Wena, o na le tumelo; nna, ke na le mesebetsi; mpontshe he tumelo ya hao ho se mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos