Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.
Mattheu 9:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re a sa ba bolella ditaba tseo, hang, kgosana ya fihla, ya mo kgumamela, ya re: Moradi wa ka o tswa shwa hona jwale; empa tloo, o bee seatla sa hao hodima hae, mme o tla boela a phele. BIBELE Ha Jesu a ntse a ba bolella tsena, ha fihla e mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, a mo kgumamela, a re: “Moradi wa ka o sa tswa hlokahala, empa tlo o mmee letsoho, mme o tla phela.” Baasraak Sotho NT A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele; |
Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.
Yaba ho tla ho yena mma bara ba Sebedea a ena le bara ba hae, mme a kgumama, a kopa ho hong ho yena.
Mme bonang, ha tla molepera ho yena, a mo kgumamela, a re: Morena, ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa.
Yaba barutuwa ba hae ba mo atamela, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose; re a timela!
Hape, batho ha ba tshele veine e ntjha makukeng a kgale; hobane makuka a ka phatloha, mme jwale veine ya tsholoha, makuka le wona a timela. Veine e ntjha e mpa e tshelwa makukeng a matjha, mme ntho tse pedi tseo di a bolokeha.
Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.
Yaba mmusi e mong wa sinagoge o mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsa eng ho rua lefa la bophelo bo sa feleng?
Molaodi wa lekgolo o ne a ena le mohlanka ya kulang, ya leng makgatheng a ho shwa, eo a mo ratang haholo.
Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela.
Maria eitse ha a fihla moo Jesu a leng teng, ha a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: Morena, hojane oa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa.
Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.
Ntata Publiuse o ne a robetse fatshe, a jewa ke febere le ke ho tsholla. Pauluse a mo tjhakela, mme hobane a rapele, a mmea matsoho hodimo, a mo fodisa.