Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 20:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba ho tla ho yena mma bara ba Sebedea a ena le bara ba hae, mme a kgumama, a kopa ho hong ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Mohatsa Sebedea, a ena le bara ba hae, a tla ho Jesu, a mo kgumamela, mme a mo kopa ho hong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Jwale mma bana ba Sebedea a tla ho yena le bara ba hae, a kgumama, a kopa ntho e nngwe ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Jwale mma bana ba Sebedea a tla ho yena le bara ba hae, a kgumama, a kopa ntho e nngwe ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 20:20
10 Referencias Cruzadas  

Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi, ke ana: Wa pele, ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo;


Yaba ba ka sekepaneng ba atamela, ba mo kgumamela, ba re: Efela o Mora Modimo ruri.


Yaba mosadi o mo atamela, a kgumama, a re ho yena: Morena, nthuse!


Ha ba kena tlung, ba fumana ngwana le mmae, Maria; ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela; mme ha ba phutholotse matlotlo a bona, ba mo ntshetsa dimpho tsa kgauta, le dibano, le mirra.


Ho bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo le Jose, le mma bara ba Sebedea.


Ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela.


Yare ha a fetela pele, a bona ba babedi ba bang, bara ba motho a le mong, e le Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba dutse sekepaneng le Sebedea, ntata bona, ba rokahanya matlowa a bona; mme a ba bitsa.


Mme bonang, ha tla molepera ho yena, a mo kgumamela, a re: Morena, ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa.


Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le hole; hara bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo e monyenyane le Jose, le Salome.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos