Mattheu 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la hae le fola hang. BIBELE Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola. Baasraak Sotho NT Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata; o hlweke. Mme lepera la hae hanghang la ntlafala. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata; o hlweke. Mme lepera la hae hanghang la ntlafala. |
Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.
Yaba o theoha, a itebisa hasupa hara Jordane, ka polelo ya monna wa Modimo; mme nama ya hae ya boela ya eba jwaloka nama ya ngwana e monyenyane, a hla a hlweka.
Yaba o re: Busetsa letsoho la hao sefubeng sa hao. A busetsa letsoho la hao sefubeng sa hae; a bona le boetse le le jwaloka nama ya hae.
Yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme la fola, la boela la loka jwaloka le leng.
Jesu a mo utlwela bohloko, a nanabetsa letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata, o ntlafale.
A tsoha, a kgalemela moya, a re ho lewatle: Kgutsa, o re tu! Yaba moya o a kgutsa, mme kgutso e kgolo ya eba teng.
A tshwara letsoho la ngwanana, a re ho yena: Talitha kumi! Ke ho re, ha ho fetolwa: Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha.
Jwale, Jesu ha a bona hobane bongata bo a mo mathela, a kgalemela moya o ditshila, a re: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, nna, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.
Le balepera ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, empa ha ho a ka ha eba e mong wa bona ya ntlafaditsweng, haese Naamane wa Mosiria.
A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.
Mme a atamela, a ama mojaro wa mofu. Yaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho wena: Tsoha!
Hojane ke se ke ka etsa hara bona mesebetsi eo ho seng motho le a mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe; jwale ba bone, mme ba hloile nna le Ntate.
Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.