Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 5:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 A tshwara letsoho la ngwanana, a re ho yena: Talitha kumi! Ke ho re, ha ho fetolwa: Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Yaba o mo tshwara ka letsoho, o re ho yena: “Talitha, kumi!” e leng ho re: “Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 A tshwara letsoho la morwetsana, a re ho yena: Talitha kumi; ke ho re, ha ho fetolwa: Ngoanana, ke re ho wena: Tsoha!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 A tshwara letsoho la morwetsana, a re ho yena: Talitha kumi; ke ho re, ha ho fetolwa: Ngoanana, ke re ho wena: Tsoha!

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:41
13 Referencias Cruzadas  

Modimo wa re: Lesedi ha le be teng, mme lesedi la eba teng.


Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.


Jesu a atamela, a mo tshwara ka letsoho, mme a mo tsosa; yaba febere e mo tlohela kapele, a ba a ba sebeletsa.


Jesu a mo utlwela bohloko, a nanabetsa letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata, o ntlafale.


Ba mo tsheha; empa Jesu a ba ntshetsa ntle kaofela, a nka ntata ngwanana le mmae le ba tlileng le yena, mme a kena moo ngwanana a robaditsweng teng.


Yaba ngwanana o phakisa a tsoha, a tsamaya, hobane dilemo tsa hae di ne di se di le leshome le metso e mmedi; mme ba hlollwa haholo.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata. Ke ntata rona bohle pela Modimo oo a dumetseng ho wona, o phedisang ba shweleng, o bitsang dintho tse siyo jwaloka hoja di le teng.


ya tlang ho fetola mmele ya rona e nyatsehang, ho e etsa sebopeho se le seng le mmele wa hae o kganyang, ka tshebetso eo a ka tsebang ka yona le ho ipeela dintho tsohle katlasa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos