a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.
Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.
Jwale, Jesu ha a bona hobane bongata bo a mo mathela, a kgalemela moya o ditshila, a re: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, nna, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.
Le batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: Ke wena Kreste, Mora wa Modimo. Jesu a mpa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba hobane ke yena Kreste.
ha ba ha tliswa ba kulang diterateng, ba bewa malaong le diphateng, hore, etlere Petrose ha a feta, ba bang hara bona ba mpe ba sirelwe ke seriti sa hae.