Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.
Mattheu 8:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha a theohile thabeng, matshwele a mangata a mo latela. BIBELE Hoba Jesu a theohe thabeng, matshweletshwele a mo latela. Baasraak Sotho NT Ha a theoha thabeng, matshwele a maholo a mo latela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha a theoha thabeng, matshwele a maholo a mo latela. |
Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.
Matshwele a mangata a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, le difofu, le dimumu, le dihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu, mme a ba fodisa.
Mme matshwele a maholo a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane, a mo latela.
Jesu ha a bona hobane matshwele a maholo a mo teetse hare, a laela barutuwa hore ba mo tshedisetse mose.
Mme bonang, ha tla molepera ho yena, a mo kgumamela, a re: Morena, ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa.
Jesu a ikela le barutuwa ba hae, pela lewatle, mme bongata bo boholo ba mo latela, bo etswa Galelea le Judea,
Botumo ba hae ba eketsa ho ata, mme matshwele a maholo a tla hammoho ho mo utlwa, le ho fodiswa malwetse a bona ke yena.