La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 6:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Tadimang dinonyana tsa lehodimo; hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle medikong; empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Ha ke re, lona le di fetisa haholo na?

Ver Capítulo

BIBELE

Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Bonang dinonyana tsa lehodimo, hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle melikong; leha ho le jwalo Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Na lona ha le di fetise ka letho?

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Bonang dinonyana tsa lehodimo, hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle melikong; leha ho le jwalo Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Na lona ha le di fetise ka letho?

Ver Capítulo



Mattheu 6:26
15 Referencias Cruzadas  

O nke dijo tsohle tse jewang, o di bokelle ho wena arekeng, e be ho ja ha hao le ha tsona.


o re neang dipina tsa thabo hara bosiu, o re fileng bohlale bo fetang ba diphoofolo, le hlalefo e fetang ya dinonyana tsa lehodimo?


Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo tsa lona, ha madinyane a lona a hoeletsa ho Modimo, mme a kekella mane le mane ke ho lapa?


o fa diphoofolo dijo tsa tsona, o fepa madinyane a makgwaba a llang.


ke tseba dinonyana kaofela tsa dithaba, le diphoofolo tsa naha di matleng a ka.


Hobane ntho tseo tsohle ke tse batlwang ke bahetene; empa Ntata lona ya mahodimong o tseba hoba le hloka dintho tseo tsohle.


Ana motho ke ofe ho lona ya ka neang mora wa hae lejwe, ha a kopile bohobe?


A re: Seo ke tla se etsa ke sena: Ke tla qhaqha mediko ya ka, ke hahe e meholo; mme ke tla bokella teng dijo tsa ka kaofela le mesebetsi ya ka;