Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 12:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 A re: Seo ke tla se etsa ke sena: Ke tla qhaqha mediko ya ka, ke hahe e meholo; mme ke tla bokella teng dijo tsa ka kaofela le mesebetsi ya ka;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 “Yaba o re: ‘Ke tla etsa hona: Ke tla qhaqholla disiu tsa ka, ke etse tse di fetang ka boholo, ke bokelle teng koro yohle le dijo tsa ka,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 A re: Ke tla etsa sena: Ke tla heletsa mediko ya ka, ke hahe e meholo; mme ke tla bokellela ditholwana tsa ka tsohle le thepa ya ka teng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 A re: Ke tla etsa sena: Ke tla heletsa mediko ya ka, ke hahe e meholo; mme ke tla bokellela ditholwana tsa ka tsohle le thepa ya ka teng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:18
11 Referencias Cruzadas  

ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


Tadimang dinonyana tsa lehodimo; hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle medikong; empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Ha ke re, lona le di fetisa haholo na?


Yaba o nahana ka ho yena, a re: Ke tla etsa jwang; hobane ha ke na moo nka bokellang dijo tsa ka teng?


mme ke tla re ho moya wa ka: Moya, o na le mesebetsi e mengata e bokelletsweng dilemo tse ngata; phomola, o je, o nwe, o nyakalle.


Ya ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Modimo, o jwalo.


Lemohang makgwaba; ha a leme, ha a kotule, ha a na ntlo moo a bolokelang teng, leha e le modiko; mme Modimo o a a fepa. Le fetisa dinonyana hakakang!


A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho,


Morena a re: Utlwang se bolelwang ke moahlodi eo ya sa lokang.


Bohlale boo hase bo tswang hodimo, empa ke ba lefatshe, ba nama, ba batemona.


Jwale, ke bua le lona ba reng: Kajeno, kapa hosasane, re tla ya motseng wa hore hoitseng, re tla dula teng selemo se le seng, re tla hweba teng, re tla rua;


Empa jwale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos