A ba bontsha matlotlo le kganya ya mmuso wa hae, le botle le bokgabana ba boholo ba hae, ka ditshiu tse ngata, e leng ka ditshiu tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi.
Mattheu 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Diabolose a boela a mo nkela thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le kganya ya yona, BIBELE Hape Diabolosi a mo nka, a mo isa thabeng e telelehadi, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le maruo a yona, Baasraak Sotho NT Yaba Diabolose o boela a mo isa thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe, le kganya ya yona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Diabolose o boela a mo isa thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe, le kganya ya yona; |
A ba bontsha matlotlo le kganya ya mmuso wa hae, le botle le bokgabana ba boholo ba hae, ka ditshiu tse ngata, e leng ka ditshiu tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi.
Hamane a ba bolella letlotlo la maruo a hae, le bongata ba bana ba hae, le tsohle tseo morena a mo phahamisitseng ka tsona, le kamoo a mo hodisitseng kateng, ho mmea e moholo wa mahosana le wa bahlanka ba morena.
yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?
Balaame a re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme ke tla ya thokonyana; mohlomong Jehova a ka tshoha a nkgahlanyetsa, mme ke tla o bolella seo a tla ntshenolela sona. Mme a ya phenyoleng.
Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?
Hobane Ntate o rata Mora, mme o mmontsha tsohle tseo yena a di etsang; o tla mmontsha le mesebetsi e meholo ho ena, le tle le makale.
Hobane nama yohle e jwaloka jwang, mme kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo ye bo omelle, mme palesa ya jona e we;
Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.