Esthere 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)4 A ba bontsha matlotlo le kganya ya mmuso wa hae, le botle le bokgabana ba boholo ba hae, ka ditshiu tse ngata, e leng ka ditshiu tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi. Ver CapítuloBIBELE4 A nka matsatsi a lekgolo le mashome a robedi a ntse a ba bontsha matlotlo a mmuso wa hae o kgabane, le tlotla ya botlotlehi ba hae. Ver Capítulo |
Esekiase a thaba ha a bona manqosa, a ba a a bontsha ntlo ya matlotlo a hae, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole ya bohlokwa, le ntlo ya dihlomo tsa hae kaofela, le tsohle tse dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba letho leo Esekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.