Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 1:4 - BIBELE

4 A nka matsatsi a lekgolo le mashome a robedi a ntse a ba bontsha matlotlo a mmuso wa hae o kgabane, le tlotla ya botlotlehi ba hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A ba bontsha matlotlo le kganya ya mmuso wa hae, le botle le bokgabana ba boholo ba hae, ka ditshiu tse ngata, e leng ka ditshiu tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:4
25 Referencias Cruzadas  

Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena.


Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a etsetsa mahosana wohle a hae le bahlanka ba hae, mokete. Balaodi ba mabotho a Peresiya le Media, le mahosi le mahosana, le bona ba ne ba le teng.


Ha matsatsi ana a se a fetile, kgosi ya etsetsa setjhaba sohle sa yona mokete motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi. Mokete ona wa etsetswa mahosana le bafo, mme wa qeta matsatsi a supileng. O ne o tshwaretswe mabaleng a serapa sa ntlo ya kgosi.


Ikgabise he ka tlotla le ka bokgosi, o ikapese ka hlompho le botlotlehi.


Batho ba tla bolela kganya ya tlotla ya hao, nna ke nahane dimakatso tsa hao.


E kopile bophelo ho wena, mme o e file bona, wa e ekeletsa ditshiu, kamehla le mehla.


O motle ho feta bana bohle ba batho, molomo wa hao o a kgahleha, hobane Modimo o o hlohonolofatsa kamehla.


Morena ke kgosi, o kgabile ka botlotlehi; matla ke seaparo sa hae le leqhama la hae. O tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha.


Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera le kgauta le dinoko le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.


Ka tsebo ya hao e kgolo ya kgwebo, o ile wa atisa matlotlo a hao; ka baka la maruo ao a hao, boikakaso ba hao le bona ba tota.


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


“Ka yona nako eo, kelello ya ka ya botho ya kgutla, mme boitlhompho ba ka le bokgabane ba ka ba boela ho nna hore puso ya ka e boele e tlotlehe. Baeletsi ba ka le mahosana a ka a mpatla, ka busetswa tulong sa ka sa bokgosi, mme ka tlotleha le ho feta pele.


“Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.


Hape Diabolosi a mo nka, a mo isa thabeng e telelehadi, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le maruo a yona,


o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’


Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele;


Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,


Modimo o ratile ho ba tsebisa menono le tlotla ya sephiri seo hara baditjhaba. Sephiri ke sena: Kreste o ka ho lona, eo ka yena le nang le tshepo ya tlotla.


“Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos