Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 selemong sa boraro sa puso ya hae, a etsa seboka, a se etsetsa mahosana wohle a hae, le bafo ba hae, le makgotla a Persia le a Media, le marenana, le babusisi ba dinaha tsa hae, ba phuthehileng pela hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a etsetsa mahosana wohle a hae le bahlanka ba hae, mokete. Balaodi ba mabotho a Peresiya le Media, le mahosi le mahosana, le bona ba ne ba le teng.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:3
16 Referencias Cruzadas  

Yare ka tsatsi la boraro, tsatsi la ho tswalwa ha Faro, a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete; yaba o emisa hlooho ya molaodi wa baqhatsetsi, le hlooho ya molaodi wa baapehedi hara bahlanka ba hae;


Yaba Salomone o a tsoha, a bona e le toro. A tla Jerusalema, a ema pela areka ya selekane sa Jehova, a hlabela ditjheso, a hlaba le mahlabelo a teboho, mme a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete.


Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.


mme ba neng ba le haufi le yena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarsise, Merese, Marsena le Memukane, e leng mahosana a supileng a Persia le Media, a neng a bona sefahleho sa morena, hape e le a dutseng ditulong tse phahameng mmusong. A re ho bona:


A ba bontsha matlotlo le kganya ya mmuso wa hae, le botle le bokgabana ba boholo ba hae, ka ditshiu tse ngata, e leng ka ditshiu tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi.


Morena a etsetsa mahosana a hae wohle le bahlanka ba hae mokete o moholo, e leng mokete wa Esthere, a fokotsa lekgetho la dinaha, mme a aba dimpho kamoo morena a ka fanang kateng.


Ha ho le jwalo, ka kgwedi ya ho qala, e leng kgwedi ya Nisane, selemong sa leshome le metso e mmedi sa morena Assueruse, ha laolwa Pure, ke ho re, lotho, pela Hamane, bakeng sa letsatsi le leng le le leng le sa kgwedi e nngwe le e nngwe, ho isa kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.


Ke bontshitswe pono e tshabehang: Mohapi o a hapa, mosenyi o a senya. Nyoloha, Elame! wena Media, o lokise ntwa! Ke fedisa masisapelo wohle.


Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.


Morena Belshatsare o ne a etsetse mahosana a hae a sekete mokete o moholo, mme a nwa veine pela batho bao ba sekete.


Peres (karolo): Mmuso wa hao o arotswe, mme o neilwe Bamede le Bapersia.


Dariuse a rata ho bea mmusong marenana a lekgolo le nang le mashome a mabedi,


Pheleu eo o e boneng e ena le manaka a le mabedi, ke marena a Bamede le Bapersia;


Empa ka tsatsi le loketseng, leo Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba sekete, le baholo ba Galelea, mokete wa tswalo ya hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos