Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.
Mattheu 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho le jwalo he, behang ditholwana tse tshwanelang pako. BIBELE Bontshang ka diketso hore le bakile, Baasraak Sotho NT Ka hona, hlahisa litholoana tse tšoanelang pako. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka hona, hlahisa litholoana tse tšoanelang pako. |
Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.
Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona.
Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela; empa balekgetho le basadi ba bafebi ba mo dumetse; mme lona, leha le bone hoo, ha le a ka la baka, la mo dumela.
Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.
empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.
Hobane kgale le ne le le lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng; tsamayang ke hona jwaloka bana ba lesedi.
le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse behwang ka Jesu Kreste, hore e be kganya le poko ho Modimo.