Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 26:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ka baka lena, fetolang mekgwa ya lona, le diketso tsa lona, le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, mme Morena o tla hauha, a se ke a le tlisetsa koduwa eo a le reretseng yona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 26:13
21 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o tlohela bobe boo a neng a bo hopoletse setjhaba sa hae.


Ha le rata ho utlwa, le tla ja monono wa lefatshe;


Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.


seo ke se laeditseng bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, seboping sa tshepe, ka re: Mamelang lentswe la ka, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona; ke hona le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona,


Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.


ha setjhaba sena ke se boletseng se sokoloha bokgopong ba sona, le nna ke tla kgutla bobeng boo ke neng ke hopotse ho bo etsetsa sona.


Ana Esekiase, morena wa Juda, le Juda kaofela, ba kile ba mmolaya na? Na ha a ka a tshaba Jehova, a ikwahlaya pela Jehova, Jehova a ba a bakela bobe boo a neng a bo boletse bakeng sa bona na? Haele rona, re be re tla etsetsa meya ya rona bobe bo bokakang!


Ekaba ba tla utlwa, ba bake e mong le e mong mekgweng e mebe ya hae, ke tle ke be ke bakele bobe boo nna ke hopotseng ho ba hlahisetsa bona ka baka la bolotsana ba diketso tsa bona.


Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.


Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona.


Jeremia a mo araba, a re: O ke ke wa neelwa matsohong a bona. O mpe o mamele lentswe la Jehova, lona leo ke o bolellang lona, mme ho tla ba molemo ho wena, moya wa hao o phele.


Ha le ka boela la aha lefatsheng lena, ke tla le ahisa, mme nke ke ka le timetsa; ke tla le hloma, mme nke ke ka le epolla, hobane ke kgutlile bobeng boo ke le etseditseng bona.


Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?


Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.


Ho tseba mang? Mohlomong Modimo o tla re utlwa, o kgutle, o kgutle bohaleng ba kgalefo ya wona, re se ke ra timela.


A rapela Jehova, a re: Jehova, hleka hase seo ke se buileng ke sa le naheng ya heso na? Ke ne ke re, a nke ke balehele Tarshishe, hobane ke ne ke tseba hoba o Modimo o lereko, o mohau, o diehang ho halefa, o mosa haholo, o sa rateng ho otla.


Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.


Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,


Enere Jehova ha a ba hlahisetsa baahlodi, Jehova o ne a emela moahlodi, a ba namolela matsohong a dira tsa bona ka ditshiu tsohle tsa moahlodi eo; hobane Jehova o ne a ntse a fetoha ke ho utlwa dillo tsa bona ha ba lliswa ke ba ba hlorisang, ba ba tshwenyang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos