o ne o kgutlisa basadi ba bahlolohadi ba le feela, o ne o lesa letsoho la dikgutsana ho robeha.
Mattheu 23:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang. BIBELE Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa. Baasraak Sotho NT Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a bahlolohadi, mme ka boikaketsi le etsa thapelo e telele; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a bahlolohadi, mme ka boikaketsi le etsa thapelo e telele; |
o ne o kgutlisa basadi ba bahlolohadi ba le feela, o ne o lesa letsoho la dikgutsana ho robeha.
Ha ekaba ke ne ke hane thapelo ya mofutsana, ka lebellisa mosadi wa mohlolohadi, a ba a khathala mahlo,
Ka baka leo, ke re ho wena: Kotlo ya lefatshe la Sodoma e tla ba tjhatsi ho ya hao ka tsatsi la kahlolo.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.
ba metsang matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.
Empa ya sa kang a tseba, mme a entse ditaba tse tshwanelwang ke kotlo, o tla otlwa hanyenyane. E mong le e mong ya neilweng haholo, ho tla batlwa haholo ho yena; mme ya laeleditsweng haholo, ho tla botswa haholo ho yena.
Ba metsa matlo a basadi ba bahlolohadi ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melelele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.
Hara bao ho na le ba kgukgunelang matlung, mme ba hapa basajana ba imetsweng ke dibe, ba kenweng ke ditakatso tse ngata,
Hobane ba bangata ba teng, haholo hara ba lebollo, ba hanang ho utlwa, ba bolelang mafeela, ba thetsang ba bang,
Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.
Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.
Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.