Athe o a bona; hobane o tadima hlokofalo le matshwenyeho, mme o di ngola letsohong la hao. Ya madimabe o itshepetse wena; esale o le moemedi wa kgutsana.
Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.
ha le sa tube moditjhaba le kgutsana le mohlolohadi, le sa tsholle madi a se nang molato nqalong ena, ha le sa tsamaele medimo esele, ka ho lahleha ha lona;
Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.
Iponele, kgopolo ya bolotsana e se ke ya eba teng pelong ya hao ya ho re: Selemo sa bosupa, selemo sa teselo, se atametse; mme mahlo a hao a se ke a hauhela ngwaneno ya fumanehileng, o sa mo fe letho, mme yena a ka bitsa ho Jehova ka baka la bothata ba hao, mme sebe se eba teng ho wena.
Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke ha motho a lekola dikgutsana le basadi ba bahlolohadi mahlomoleng a bona, mme a ipoloka lefatsheng a se na le lethebanyana.