Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 o ne o kgutlisa basadi ba bahlolohadi ba le feela, o ne o lesa letsoho la dikgutsana ho robeha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Bahlolohadi ba tlohile ho wena ba itlhophere, ha e le kgutsana tsona wa di robokela.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 22:9
20 Referencias Cruzadas  

e leng ya neng a tlatlapa tsa nyopa ya sa tswaleng, ya sa kang a etsa mosadi wa mohlolohadi hantle le hang feela.


Esele ya kgutsana e a tlatlapuwa, kgomo ya mosadi wa mohlolohadi e bewa tebeletso;


ha ekaba letsoho la ka le kile la otla kgutsana, kahobane ke bone ha ke emetswe ke ba dutseng kgorong;


Le mpa le le ba ka akgelang letlowa hodima kgutsana, le ho rekisa ka motswalle wa lona.


Roba letsoho la ya kgopo, o batlisise bokgopo ba motho e mobe, ho fihlela o sa hlole o mo fumana.


hobane matsoho a ba babe a tla robeha, empa Jehova o tiisa ba lokileng.


ba bolaya mohlolohadi le moditjhaba; ba timetsa dikgutsana;


ithuteng ho etsa hantle; le batlisise ho lokileng, le sireletse motshwenyehi, le lokisetse dikgutsana, le emele nyewe ya mohlolohadi;


Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.


ho amoha mafutsana tokelo ya wona, le ho hlakola tokelo ya bafumanehi ba setjhaba sa ka, ho etsa bahlolohadi kgapo ya bona, le ho ja dikgutsana.


Lenaka la Moabe le sehilwe, le letsoho la hae le robilwe, ho bolela Jehova.


Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.


Ka baka leo, Morena Jehova o re: Bona, ke se ke ya tla ho Faro, morena wa Egepeta, ke robe matsoho a hae, le leng e leng le matla, le leng e leng le robehileng; mme ke tla wesa lerumo letsohong la hae;


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


Ho rohakwe ya kgopamisang tokelo ya moditjhaba, le ya kgutsana, kapa ya mosadi wa mohlolohadi! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos