10 Ke ka baka leo o kopilweng ke difi, mme botshabeho bo o tshosa hang;
10 Ke kahoo maraba a o potapotileng kahohle, tshabo e tsometsang e o hlokisang boiketlo,
O honyetse letsoho la hao hole le nna, mme o se ke wa ntshosa ka letsoso la hao.
mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!
Matsoso a mo tshabisa ka nqa tsohle, a mo tshosa a mo phalletse.
le utlwisise hoba ke Modimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa wona.
Empa ha o ka tlala kgopolo ya molotsana, kotlo e tla latelana le kahlolo.
Ya lapileng o ya ja kotulo ya lona, o ya nka le hara meutlwa, mme leshodu le hlwibila menono ya lona.
Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.
O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.
mohla matsoso a le hlahelang jwaloka difefo, le ditlokotsi di le mathelang jwaloka ditsokotsane, mme mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse;
Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.