Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 22:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 kapa na ha o bone lefifi le morwallo wa metsi a o apesang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 fifi le o aparetseng, o sitwang ho bona, phororo tsa metsi di phuthumanang hodima hao.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 22:11
17 Referencias Cruzadas  

O tla lebala bohloko ba hao, o bo elellwe jwaloka metsi a fetileng;


O lelekwa leseding, a ye lefifing; o tloswa lefatsheng.


Lesedi le tla fetoha lefifi tenteng ya hae, lebone la hae le hodima hae le tla tingwa.


O thibile mmila wa ka hore ke se ke ka feta, mme tseleng ya ka o beile lefifi.


Le re: Ba babe ba feta kapele jwaloka ntho e thellang hodima metsi. Lefa la bona le rohakilwe lefatsheng; ha ba sa leba nqa dirapeng tsa merara.


Na o ka howeletsa ho maru ka lentswe la hao, hore a be a phakise a o apese ka pula e kgolo na?


Hosasa, ba thulana le lefifi, motshehare ba phopholetsa jwaloka hoja ke bosiu.


Bodiba bo arabelana le bodiba bo bong modumong wa phororo tsa hao; merwallo ya hao kaofela le maqhubu a hao wohle a fetile hodima ka.


Empa tsela ya baetsadibe e jwaloka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba tla wela teng.


leha se leba fatshe, e tla ba tsieleho le lefifi le matswalo a tshabehang, mme se tla tebela botshong.


O ntsamaisitse, a nkisa lefifing, e seng leseding.


Metsi a ba a nkapesa hlooho, ka re: Ke kgaoletswe.


Hobane o ne o ntahletse bodibeng, bohareng ba lewatle, dikgohola tsohle di ne di mpotile kahohle, maqhubu wohle a hao le dikgaphatseho tsa hao di ne di nkapesitse.


Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos