La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 22:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba morena o re ho bahlanka: Mmofeng maoto le matsoho, le mo nke, mme le mo lahlele lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.

Ver Capítulo

BIBELE

“Yaba kgosi e re ho basebeletsi: ‘Mo tlameng sekolokoto, le mo lahlele kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.’

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yaba morena o re ho bahlanka: Mo tlameng maoto le matsoho, le mo lahlele lefifing le kantle; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yaba morena o re ho bahlanka: Mo tlameng maoto le matsoho, le mo lahlele lefifing le kantle; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.

Ver Capítulo



Mattheu 22:13
21 Referencias Cruzadas  

E mobe o tla bona hoo, a hlokofale ke hona; o tla tsikitlanya meno, a omelle. Ditakatso tsa ba babe di tla etswa lefeela.


Molotsana o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno.


Tsoha, tsoha, o ikapese ka matla, wena Sione, o apare diaparo tsa hao tsa bokgabane, wena Jerusalema, motse o halalelang! Hobane ha ho leqai, leha e le ya ditshila ya sa tlang ho hlola a kena ho wena jwale.


A laela banna ba makgotla a hae ba fetisang ka matla ho tlama Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, le ho ba akgela seboping sa mollo o bohale.


Kapa motho a ka kena jwang tlung ya senatla, ho phahla mesebetsi ya sona, ha a sa ka a tlama senatla seo pele, ebe moo a phahlang ntlo ya sona?


Di leseng tse pedi, di hole hammoho, ho be ho fihle kotulo; ke hona mohla ho kotulwang ke tla re ho bakotudi: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o tjhese; le mpe le bokelle koro modikong wa ka.


mme a ba lahlele seboping sa mollo, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


mme a tla ba lahlela seboping sa mollo; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


O tla mo pomahanya dikoto, a mo nee kabelo e le nngwe le baikaketsi; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Lahlelang mohlanka ya sebodu mafifing a kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Ke moo ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baporofeta bohle, mmusong wa Modimo, mme lona la lahletswe ntle.


Kannetenete ke re ho wena: Enereha o sa le motjha, o ne o itlama o nnotshi, o itsamaela moo o ratang teng; empa etlare hobane o tsofale, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o tlama, a o ise moo o sa rateng teng.


Eitse hobane a tle ho rona, a nka senyepa sa Pauluse, a itlama matsoho la maoto ka sona, a re: Moya o Halalelang o bolela, o re: Monna eo senyepa sena e leng sa hae, Bajuda ba tla mo tlama jwalo Jerusalema, ba be ba mo neele matsohong a baditjhaba.


Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.


Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,


Bao ke didiba tse se nang metsi, ke maru a fefolwang ke sefefo, mme botsho ba lefifi bo boloketswe bona ka ho sa feleng.


Hobane Modimo, ha o sa ka wa hauhela mangeloi a sitilweng, wa mpa wa a dihela diheleng, a tlamilwe ka mahlaahlela a lefifi, mme o a neetse ho bolokelwa kahlolo;


ke maqhubu a hlanyang a lewatle, a akgelang mafilo a ditshila tsa wona mane le mane; ke dinaledi tse kgerang, tse lokiseditsweng botsho ba lefifi la bo sa feleng.


Hape, o bolokile ditlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ya letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba wona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa wona.


Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.