Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 22:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A re ho yena: Mokana ka, o kene jwang mona, o se na kobo ya bohadi na? Eo a hloka puo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ya re ho yena: ‘Motswalle, o kene jwang moo o se na seaparo sa mokete?’ Empa eo a kgutsa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 A re ho yena: Motswalle, o kene jwang mona o se na seaparo sa bohadi? Mme a hloka puo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 A re ho yena: Motswalle, o kene jwang mona o se na seaparo sa bohadi? Mme a hloka puo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 22:12
13 Referencias Cruzadas  

tshepo e teng ho ya fokotseng, mme ba sa lokang ba thijwa molomo.


Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; empa ba bolotsana kaofela ba thibana melomo.


O ka bolela jwang, wa re: Ha ke a ka ka itshilifatsa, ha ke a ka ka latela boBaale? Shadima tsela ya hao phuleng, o tle o itsebele seo o se entseng, wena sethole se lebelo sa kamele se mathang mane le mane!


Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;


A araba, a re ho e mong wa bona: Molekana ka, ha ke o je; ana ha o a dumellana le nna ka denare e le nngwe feela na?


Jesu a re ho yena: O tletseng mona, molekana ka? Jwale, ba atamela, ba isa matsoho ho Jesu, ba mo tshwara.


Hobane ke a le bolella, ke re: Ho loka ha lona ha ho sa fetise ha bangodi le ha bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.


Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


o tle o tsebe hobane ya jwalo o se a senyehile, mme o etsa sebe; o se a ikahlotse.


O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos