Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 13:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ke moo ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baporofeta bohle, mmusong wa Modimo, mme lona la lahletswe ntle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 “Teng ho tla ba le seboko le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Aborahama, le Isaka, le Jakobo, le baporofeta bohle Mmusong wa Modimo, empa lona le lahlelwa kantle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Ke moo dillo di tla ba teng, le ditsikitlano tsa meno, mohla le bonang Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baporofeta bohle, mmusong wa Modimo, empa lona le leleketswe kantle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Ke moo dillo di tla ba teng, le ditsikitlano tsa meno, mohla le bonang Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baporofeta bohle, mmusong wa Modimo, empa lona le leleketswe kantle.

Ver Capítulo Copiar




Luka 13:28
15 Referencias Cruzadas  

E mobe o tla bona hoo, a hlokofale ke hona; o tla tsikitlanya meno, a omelle. Ditakatso tsa ba babe di tla etswa lefeela.


mme a ba lahlele seboping sa mollo, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


mme a tla ba lahlela seboping sa mollo; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Yaba morena o re ho bahlanka: Mmofeng maoto le matsoho, le mo nke, mme le mo lahlele lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


O tla mo pomahanya dikoto, a mo nee kabelo e le nngwe le baikaketsi; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Lahlelang mohlanka ya sebodu mafifing a kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Haele wena Kapernauma, ya phahamisitsweng ho fihlela lehodimong, o tla kokobetswa ho fihlela nqalong ya bafu.


E mong wa ba dutseng le yena dijong, ha a utlwa taba tseo, a re ho yena: Ho lehlohonolo ya tla ja bohobe mmusong wa Modimo!


Morui le yena a shwa, a epelwa lebitleng. Jwale, ha a le nqalong ya bafu, a lelala hodimo, a dutse bohlokong, mme a bonela Abrahama hole, le Lasaro a le sefubeng sa hae.


ao e leng pontsho ya kahlolo e lokileng ya Modimo, le tle le etswe ba lokelang mmuso wa Modimo, oo le utlwiswang bohloko ka baka la wona.


Hape, ke ka mokgwa oo le tla fuwa sebaka se seholo sa ho kena mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos