Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 13:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ba tla tswa botjhabela, le bophirimela, le leboya le borwa, mme ba tla dula dijong mmusong wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Batho ba tla tswa botjhabela le bophirimela le leboya le borwa, ba be dijong Mmusong wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Ba tla tswa botjhabela, le bophirimela, le leboya, le borwa, mme ba tla dula dijong mmusong wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Ba tla tswa botjhabela, le bophirimela, le leboya, le borwa, mme ba tla dula dijong mmusong wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 13:29
14 Referencias Cruzadas  

Ditloholo tsa hao di tla ba ka ka lerole la lefatshe; o tla namela bophirimela le botjhabela, le leboya le borwa, mme mefuta kaofela ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena le ho mofuta wa hao.


Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ke a le bolella, ke re: Ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, mme ba tla dula dijong le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo mmusong wa mahodimo.


Ke moo a tla roma mangeloi a hae, le ho bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.


Mme bonang, ba morao ba teng bao e tla ba ba pele, mme ba pele ba teng bao e tla ba ba morao.


Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.


ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.


e fihlileng ha heno, jwalokaha e fihlile lefatsheng lohle, moo e ntseng e beha ditholwana, jwalokaha e etsa hara lona haesale mohla le e utlwileng, le tsebileng mohau wa Modimo kannete;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos