Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 13:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mme o tla re: Ke a le bolella, ke re: Ha ke le tsebe hore na le ba hokae; ntloheleng, lona bohle ba etsang ho sa lokang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 O tla le bolella, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae. Tlohang ho nna, lona bohle ba etsang bokgopo!’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Empa o tla re: Ke a le bolella, ha ke le tsebe moo le tswang teng; ntloheleng, lona bohle ba sebetsang bokgopo!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Empa o tla re: Ke a le bolella, ha ke le tsebe moo le tswang teng; ntloheleng, lona bohle ba sebetsang bokgopo!

Ver Capítulo Copiar




Luka 13:27
15 Referencias Cruzadas  

Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong.


Ka hosasa ho hong le ho hong, ke tla timetsa ba bolotsana bohle ba naha, ke fedise bohle ba etsang bokgopo motseng wa Jehova.


Suthelang hole le nna, lona ba bolotsana, ke tle ke boloke ditaelo tsa Modimo wa ka!


Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!


O se ke wa ntlosa hammoho le ba babe le ba etsang bokgopo, ba bolelang kgotso ho ba habo, athe bolotsana bo ka dipelong tsa bona.


o fedisa ba bolelang leshano. Haele batho ba madi le ba thetso, ke manyala ho Jehova.


Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.


Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!


Empa a ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Ha ke le tsebe.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.


Empa ekare ha motho a rata Modimo, ke yena ya tsejwang ke wona.


empa jwale, ha le tsebile Modimo, mme haholo ha le tsebilwe ke Modimo, ana le kgutlela jwang ditabeng tsa qalo, tse fokolang, tse fumanehileng, tseo le ratang le ka boela la tlangwa ke tsona?


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos