La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 21:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ho feleng, a romela mora hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.

Ver Capítulo

BIBELE

Qetellong a romela mora wa hae, a re: ‘Ba tla hlompha mora wa ka.’

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa qetellong a romela mora wa hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa qetellong a romela mora wa hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.

Ver Capítulo



Mattheu 21:37
13 Referencias Cruzadas  

Se ka beng se etseditswe tshimo ya ka ya merara, ke sefe kantle ho seo ke se entseng? Ha ke ne ke tshepile hoba e tla bea ditholwana tse monate, ke eng ha e beile tse babang na?


Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona.


Ke ne ke itse: Feela o ntshabe, o amohele kgalemelo! ... Hoja o ka etsa jwalo, bodulo ba wona bo ka be bo sa tlo fediswa, ka tsohle tseo ke di laetseng hodima wona; empa ba tsohetse ho senya diketso tsa bona kaofela.


A boela a roma bahlanka ba bang, ba fetisang ba pele ka bongata, mme le bona ba etswa jwaloka ba pele.


Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.


Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Jwaloka hobane a sa na le mora wa hae, ya leng mong, ya ratwang, le yena a mo romela ho bona e le wa qetello, a re: Ba tla hlonepha mora ka.


Yaba monga tshimo ya merara o re: Ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka, eo ke mo ratang; ha ba mmona, ekaba ba tla mo hlonepha.


Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.


Le nna ke bone, mme ke pakile hore enwa ke Mora Modimo.


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.