Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Se ka beng se etseditswe tshimo ya ka ya merara, ke sefe kantle ho seo ke se entseng? Ha ke ne ke tshepile hoba e tla bea ditholwana tse monate, ke eng ha e beile tse babang na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng, ho feta seo ke e etseditseng sona? Ha ke ne ke lebeletse hore e behe morara o monate, ho tlile jwang hore e behe morara wa hlahlaane?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 5:4
15 Referencias Cruzadas  

Dinoko le makala e ne e le ntho e le nngwe le yona, mme yona e le ntho e le nngwe hammoho e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e teilweng.


Le ya nne le otlwe ho isa kae, haele moo le ntse le eketsa ho ikgantsha? Hlooho yohle e bohloko, pelo yohle e a kula.


Athe nna, ke na be ke o hlomile o le morara o fetisang ka molemo, wa mofuta wa sebelebele; o mpa o iphetotse jwang ho nna morara wa mofuta osele?


Ho itswe ke Jehova: Bontata lona ba kile ba fumana bokgopo bofe ho nna, ha ba kile ba ya hole le nna, ba tsamaela bosawana, mme ba fetohile bosawana?


Seroto se seng se ne se na le difeiye tse monate jwaloka difeiye tsa dithakangwaha, seroto se seng se ena le difeiye tse mpe haholo, tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe.


Esale mohla ke ntshang bontata lona moholo lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela ba baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ka tsatsi le leng le le leng, mme ke ba roma.


Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha tsebe; ba hlile ba sataladitse melala, ba entse hampe ho fetisa bontata bona.


Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.


Iseraele ke morara o holang haholo, tholwana tsa wona di o lekane. Ditholwana tsa hae ha di ntse di eketseha, ke moo a ntseng a ketsa ho haha dialetare; kahobane naha ya hae e ntle, o eketsa ho etsa ditshwantsho tse ntle.


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos