Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:37 - BIBELE

37 Qetellong a romela mora wa hae, a re: ‘Ba tla hlompha mora wa ka.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ho feleng, a romela mora hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

37 Empa qetellong a romela mora wa hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Empa qetellong a romela mora wa hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:37
13 Referencias Cruzadas  

Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng, ho feta seo ke e etseditseng sona? Ha ke ne ke lebeletse hore e behe morara o monate, ho tlile jwang hore e behe morara wa hlahlaane?


Mohlomong ba morabe wa Juda ba tla utlwa dikoduwa tsohle tseo ke rerileng ho ba dihela tsona, mme motho ka mong a bake mekgweng ya hae e mebe, ebe ke ba tshwarela bokgopo ba bona le sebe sa bona.”


Ka na ka bua ho baahi ba motse, ka re: ‘Ruri le sa tla be le ntlhomphe, le qetelle le mametse kgalemo ya ka, e le hore leaho la lona le se ripitlwe, le kahlolo tsa ka di se le wele hodimo.’ Empa ba nna ba hahamala, ba hahamala ho ya pele, ba eketsa ketso tse bodileng tsa bona.


A boela a romela bahlanka ba bang hape, ba bangata ho feta ba pele, mme le bona ba nna ba etswa jwalo.


“Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!’


ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”


“O ne a saletswe ke motho a le mong feela, mora eo a mo ratang. A mo romela ho bona e le wa ho qetela, a re: ‘Ba tla hlompha mora wa ka.’


“Jwale monga tshimo a re: ‘Ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka eo ke mo ratang; mohlomong yena ba tla mo hlompha.’


Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.


Ke bone, mme ke a paka hore ke yena Mora wa Modimo.”


“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos