Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 20:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba monga tshimo ya merara o re: Ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka, eo ke mo ratang; ha ba mmona, ekaba ba tla mo hlonepha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 “Jwale monga tshimo a re: ‘Ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka eo ke mo ratang; mohlomong yena ba tla mo hlompha.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Jwale monga tshimo ya merara a re: Ke tla etsa jwang? Ke tla romela mora wa ka ya ratwang: mohlomong ba tla mo hlompha ha ba mmona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Jwale monga tshimo ya merara a re: Ke tla etsa jwang? Ke tla romela mora wa ka ya ratwang: mohlomong ba tla mo hlompha ha ba mmona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 20:13
19 Referencias Cruzadas  

Se ka beng se etseditswe tshimo ya ka ya merara, ke sefe kantle ho seo ke se entseng? Ha ke ne ke tshepile hoba e tla bea ditholwana tse monate, ke eng ha e beile tse babang na?


Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona.


Ekaba ba tla bea thapelo ya bona pela Jehova, ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, hobane bohale bo boholo le yona kgalefo e kgolo eo Jehova a e boletseng bakeng sa setjhaba sena.


Haele wena, mora motho, o tle o iketsetse thoto e kang ya mofalli, o tlohe motshehare pela mahlo a bona, jwaloka hoja o falla: o fele o tlohe pela mahlo a bona, nqalong eo o leng ho yona, ho ya ho e nngwe nqalo; ekaba ba tla nahana hoba efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


Ke tla o etsang, Efraime? Ke tla o etsang, Juda? hobane lerato la lona le jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoka e tlohang kapele.


A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!


Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


A re: Moahlodi o ne a le teng motseng o itseng, ya sa tshabeng Modimo, mme le batho a sa re letho ka bona.


A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho,


A eketsa a roma wa boraro; mme hobane ba mo ntshe kotsi, ba mo lelekisa.


Empa balemi, yare ha ba mmona, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.


Yaba lentswe le tswa lerung, la re: Ke enwa Mora ka ya ratwang, mo utlweng.


Le nna ke bone, mme ke pakile hore enwa ke Mora Modimo.


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos