Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.
Mattheu 20:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa mang le mang ya ratang ho ba moholo hara lona, e ke e be mohlanka wa lona; BIBELE Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona, Baasraak Sotho NT Empa ho se ke ha eba jwalo hara lona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ho se ke ha eba jwalo hara lona; |
Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.
Ke moo le bona ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re kileng ra o bona o lapile, leha o nyorilwe, leha o le moeti, leha o hlobotse, leha o baba, leha o le teronkong, mme re sa ka ra o thusa?
Basadi ba bangata ba ne ba le teng moo, ba tadimile ba le hole, e le ba neng ba mo latetse ha a etswa Galelea, ba mo sebeleditseng.
Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa ya ratang ho ba moholo hara lona, e tla ba mohlanka wa lona;
hobane le yena Mora motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
Hobane a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: Ha e mong a rata ho ba wa pele, e tla ba ya kamorao ho bohle le mohlanka wa bohle.
Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a beilwe ya lokileng ho feta wa pele. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang o tla kokobetswa; empa ya ikokobetsang o tla hodiswa.
Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa e moholo hara lona a be jwaloka e monyenyane, mme ya busang a be jwaloka ya sebeletsang.
Jesu a araba, a re: Mmuso wa ka ha o tswe lefatsheng lena; hoja mmuso wa ka o tswa lefatsheng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntwanela, ke tle ke se ke ka neelwa Bajuda; empa jwale, mmuso wa ka hase wa mona.
Yare ha ba fihla Salamina, ba bolela lentswe la Modimo masinagogeng a Bajuda. Ba ne ba na le Johanne ya ba sebeletsang.
e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.
Morena a mo fumanise mohau pela Morena, ka tsatsi lela. Tsohle tseo a ntshebeleditseng Efese ka tsona, di tsejwa ka ho fetisisa ke wena.
Ke ne ke hopotse hore nka mo thibela hore a dule le nna, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao, ditlamong tsa Evangeli;
Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?
E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.
Mme ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu, mme ka makala ka makalo e kgolo, ha ke mmona.