Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 20:26 - BIBELE

26 Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa mang le mang ya ratang ho ba moholo hara lona, e ke e be mohlanka wa lona;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Empa ho se ke ha eba jwalo hara lona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Empa ho se ke ha eba jwalo hara lona;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 20:26
23 Referencias Cruzadas  

“ ‘Ditshila tsa hao ke bokgopo, hobane ke lekile ho o hlwekisa, empa ditshila tseo tsa hao ha di a ka tsa tloha. O ke ke wa hlola o hlweka ho fihlela kgalefo ya ka e kokobela.


mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona.


“Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: ‘Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, o nyorilwe, o le moeti, o hlobotse, o kula, kapa o le tjhankaneng, yaba ha re o etsetse letho?’


Jwale basadi ba bangata, ba neng ba ile ba latela Jesu ho tloha Galelea, ba ntse ba mo sebeletsa, ba ne ba le teng, ba tadimile ba le thokwana;


Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona. Ya batlang ho ba e moholo hara lona e tla ba mosebeletsi wa lona;


hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”


Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”


“Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


Empa ho lona ho se be jwalo; e moholo hara lona a mpe a be jwaloka e monyenyane, mme ya tsamaisang a be jwaloka ya sebeletsang.


Jesu a araba, a re: “Mmuso wa ka hase wa lefatshe lena; ha mmuso wa ka e ne e le wa lefatshe lena, balatedi ba ka ba ka be ba lwanne, hore ke se ke ka neelwa Bajuda, empa jwale mmuso wa ka hase wa mona.”


Yare ha ba fihla Salamise, ba phatlalatsa lentswe la Modimo matlung a thapelo a Bajuda. Ba ne ba ena le Johanne, e le mothusi wa bona.


Ditabeng tsa tumelo ya lona, re batla ho sebedisana le lona ka mokgwa o le thabisang, e seng ho le qobella; etswe le se le eme le tiile tumelong.


Morena a ke a mo fumantshe lereko ho Morena mohla Letsatsi lela. O tseba ho feta bohle kamoo a nthusitseng kateng ka tse ngata ha ke ne ke le Efese.


Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ba beilweng tlhokomelong ya lona, le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape wa lona.


Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos