Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 17:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu, mme ka makala ka makalo e kgolo, ha ke mmona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ka bona mosadi a tahilwe ke madi a bahalaledi, le ke madi a dipaki tsa Jesu; mme yare ha ke mmona, ka makala haholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ka bona mosadi a tahilwe ke madi a bahalaledi, le ke madi a dipaki tsa Jesu; mme yare ha ke mmona, ka makala haholo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 17:6
12 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka tadima kamoo lenaka leo le lwantshang bahalaledi kateng, le kamoo le ba hlolang kateng,


O tla bua dipuo tse lwantshang Mookamedi ya phahameng, o tla hlorisa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, a be le morero wa ho fetola dinako le molao, mme bahalaledi ba tla neelwa matsohong a hae ka nako, le ka dinako tse nang le lehare la nako.


Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka?


a re ho yena: Batho bohle ba ye ba bee veine e monate pele, mme ere hobane ho nowe haholo, ebe hona ho tliswang e botswa: wena veine e monate o e bolokile ho fihlela jwale.


Le mohla ho neng ho tshollwa madi a Setefane, paki ya hao, le nna ke ne ke le teng, ka dumela polao ya hae, mme ka lebela dikobo tsa ba mmolayang.


Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.


Sa fuwa matla a ho kenya phefumoloho setshwantshong sa sebata, hore setshwantsho sa sebata se tsebe ho bua, se etse le hore ho bolawe bohle ba hanang ho kgumamela setshwantsho sa sebata.


Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le ho ba hlola. Hape, sa newa matla hodima mefuta yohle, le hodima merabe yohle, le hodima dipuo tsohle, le hodima ditjhaba tsohle.


Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo Satane a nang le terone ya hae teng; ke tseba le hobane o tiisitse lebitso la ka; mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, leha e le mohla Antipase, paki ya ka e tshepehang, a bolawang hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos