Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 17:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ho ne ho ngodilwe phatleng ya hae lebitso le reng: Sephiri: Babilona e moholo, mma diotswa le wa manyala a lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le fupereng sephiri: “Babilona e kgolo, mma diotswa tsohle le manyala wohle a lefatshe.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Phatleng ya hae ho ne ho ngodilwe lebitso la sephiri, Babylona e Moholo, mme wa diotswa le wa manyala a lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Phatleng ya hae ho ne ho ngodilwe lebitso la sephiri, Babylona e Moholo, mme wa diotswa le wa manyala a lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 17:5
18 Referencias Cruzadas  

Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi.


Oho seotswa, mamela lentswe la Jehova ke hona.


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


Hobane sephiri sa bokgopo se se se sebetseha; feela, ya mo thibetseng e ka kgona a tloswe.


sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.


Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.


Lengeloi la bobedi la latela, le re: O wele, o wele, Babilona, motse o moholo, hobane o nwesitse ditjhaba tsohle veine ya bohale ba bootswa ba wona.


Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo; metse ya ditjhaba ya heleha, mme Modimo wa hopola Babilona e moholo ho mo nwesa senwelo sa veine ya kgalefo e tukang ya wona.


Yaba lengeloi le leng la a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng, le tla ho nna, la re: Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se dutseng hodima metsi a mangata;


seo marena a lefatshe a febileng le sona, le ba ahileng lefatsheng ba tahilweng ke veine ya bootswa ba sona.


Lengeloi la re ho nna: O makaletseng? Ke tla o bolella sephiri sa mosadi le sa sebata seo a se kaletseng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.


La howa ka lentswe le phahameng, le phepa, la re: O wele, o wele, Babilona e moholo! o fetohile moaho wa batemona, letsaba la meya yohle e ditshila, le letsaba la dinonyana tsohle tse sa hlwekang, tse ilwang!


Yaba lengeloi le matla le nka lejwe le ka ka lelwala le leholo, la le akgela lewatleng, la re: Ho tla akgelwa jwalo ka matla Babilona, motse o moholo, mme ha a sa tla hlola a fumanwa.


hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.


la re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re eso ho tshwaye bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos