Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 17:6 - BIBELE

6 Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu, mme ka makala ka makalo e kgolo, ha ke mmona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ka bona mosadi a tahilwe ke madi a bahalaledi, le ke madi a dipaki tsa Jesu; mme yare ha ke mmona, ka makala haholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ka bona mosadi a tahilwe ke madi a bahalaledi, le ke madi a dipaki tsa Jesu; mme yare ha ke mmona, ka makala haholo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 17:6
12 Referencias Cruzadas  

Ka bona lona lenaka leo le lwantsha bahalaledi, le ba hlola.


E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo.


Mahlo a hao a halalela ka ho fetisa, a halalela hoo a ke ke a tadima bokgopo. Diphoso le tsona ha o ko di mamella. Jwale ho ya kang ha o mamella balotsana? O kgutseditseng ha ba kgopo ba timetsa batho, ba ba fetang ka ho loka?


a re ho yena: “Batho bohle ba ye ba qale ka veine e monate pele, mme ha bamemuwa ba se ba nwele, ba tlise e mpe; wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale.”


Ha ho tshollwa madi a paki ya hao, Setefane, ke ne ke le teng ka sebele, ke dumela, mme ke lebetse diaparo tsa ba mmolayang.’


Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.


Sa newa matla a ho etsa hore setshwantsho seo sa sebatana se be le bophelo, hoo se bileng sa bua, mme sa etsa hore bohle ba sa se kgumameleng ba bolawe.


Sa dumellwa ho lwantsha badumedi le ho ba hlola; sa ba sa newa matla hodima ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle.


Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.”


o re: Ke tseba moo o ahileng teng: Ke moo terone ya Satane e leng teng. Empa o kgomaretse lebitsong la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, esita le mohla Antipase, paki ya ka e tshepahalang, a neng a bolaelwa ha habo lona, moo Satane a ahileng teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos