ke bana ba mahlanya, ke bana ba ba se nang lebitso; ba lelekilwe lefatsheng hara batho.
Mattheu 20:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tla mo neela baditjhaba, hore ba mo some, le ho mo shapa, le ho mo thakgisa sefapanong; mme o tla tsoha ka tsatsi la boraro. BIBELE ba neelane ka yena ho baditjhaba, hore ba mo some, ba mo shape, mme ba mo thakgise sefapanong, a nto tsoha ka letsatsi la boraro.” Baasraak Sotho NT Ba tla nehelana ka yena ho baditjhaba hore ba mo some, le ho shapuwa, le ho mo thakgisa, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba tla nehelana ka yena ho baditjhaba hore ba mo some, le ho shapuwa, le ho mo thakgisa, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha. |
ke bana ba mahlanya, ke bana ba ba se nang lebitso; ba lelekilwe lefatsheng hara batho.
Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.
O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.
Hoba ho fete matsatsi a mabedi, o tla re pholosa; la boraro a re emise, re phele pela hae.
Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.
Jwale, a ba lokollela Barabase; haele Jesu, eitse hobane a mo shape, a mo neela hore a thakgiswe.
ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.
Yaba ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ba mo kwahela mahlo, ba mo jabela, ba re ho yena: Porofeta! Mme bahlanka ba mo otla ka dithupa.
E sa le hosasa, baprista ba baholo ba etsa morero le baholo, le bangodi, le lekgotla kaofela. Eitse hobane ba tlame Jesu, ba ya le yena, mme ba mo neela Pilato.
Mme kahobane Pilato a ne a rata ho kgahlisa bongata, a ba lokollela Barabase, mme eitse hobane a shape Jesu, a mo neela ho thakgiswa.
Mme Heroda a mo nyedisa a ena le bahlabani ba hae, a mo soma; mme eitse hobane a mo apese kobo e ntlentle, a mo kgutlisetsa ho Pilato.
A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro;
o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.
Eitse hobane a tle ho rona, a nka senyepa sa Pauluse, a itlama matsoho la maoto ka sona, a re: Moya o Halalelang o bolela, o re: Monna eo senyepa sena e leng sa hae, Bajuda ba tla mo tlama jwalo Jerusalema, ba be ba mo neele matsohong a baditjhaba.
Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;